Ka moo o ka Utlwisisang Bolepi ba Lehodimo ka teng
Tshebeletso ya Boemo ba Lehodimo ya Afrika Borwa e hlahisa bolepi ba lehodimo ba nako e telele ka ho lepa. Hona ho bakwa haholo ke ho fapana ho teng ha boemo ba lehodimo le ho hloka kutwisiso ha dintho tsohle tsa ka moo tlelaemete e sebetsang ka teng. Mabapi le mohlala wa dihlopha tse tharo tsa bonohe, ho na le monyetla o lekaneng wa dihlopha tse tharo ka bonngwe hore di hlahe le ha ho se na tsebiso e nngwe hape ya direkoto tsa tlelaematholojy tse teng. Ka lebaka lena, hore ho ka etsahala hore dihlopha tse ding le tse ding tse tharo di be teng ke 1/3 (33.3 %), k.h.r., ho ka etsahala ho hong ka nako e telele ha ho elwa hloko. Ho letjwa hona ho lekanang ho ka etsahalang ha 33.3% ka sehlopha ka seng ho hlaloswa e le bolepi ba tlelaematholoji. Ka nako eo ketsahalo ya tlelaemete e bang teng, e jwalo ka EL Nino, ho ka etsahala ha dihlopha tse tharo ho ke ke ha hlola ho lekana, k.h.r. ketsahalo e ka bang teng ha sehlopga se ka tlase ho se setlwaeding (ho omella) e ka ba boholo bo fetang 33.3%, mme jwale ho baka le bolepi bo fapaneng le bolepi ba tlelaematholoji. Tse ka etsahalang tse reretsweng dihlopha tse tharo di fana ka moo ho ka lepuwang ka teng ha mmoho le ho tsamaelana le tlelaematholoji, ha mmoho le ho se be le bonnete ba bolepi.
Ho ka ba teng ha bolepi bo ka utlwisiswa tjena: E re mohlomong re na le mokotla wa ditholwana tsa siterase tse tsheletseng, di e na le dilemono tse pedi, dilamunu tse pedi le dikereipifurutu tse pedi. Dilemono tse pedi di emela boemo bo ka tlase ho setlwaedi ba sehlopha sa pula, dilamunu tse pedi boemo bo batlileng bo le setlwaeding, dikereipifurutu tse pedi ka hodimo ho setlwaedi sa sehlopha sa pula. Ho ntsha e nngwe ya ditholwana mokotleng o sa hlwele ka mokotleng ho emele boemo bo lekanang bo ka etshahalang ho e nngwe le enngwe ya dihlopha tse tharo tsa ditholwana tse ka ntshuwang ka mokotleng. Ho tea mohlala, hore ho ka etsahala hore ho ntshwe lemono mokotleng e ka ba ka makgetlo a 2 ho a ka etsahalang ho a 6 a ditholwana, ka mantswe a mang, 33.3 %. Yona ketsahalo e ka bang teng ya 33.3% e ka ntshuwang ho sa kgethwe e ka etsahala ho dihlopha tse pedi tse setseng tsa ditholwana. Ha eba mokotla wa ditholwana o emela nako ya selemo ya pula, mme ha eba re sa tsebe hore EL Nino kapa La Nina e tla ba teng kapa ha re na motlolo o kgonang wa ho lepa, jwale ho ka etsahalang hona ho neng ho le teng ha ho ntshwa ditholwana feela mokotleng le hona ho a sebetsa mona dihlopheng tse tharo tsa ha pula e tla na. Ka lebaka lena, ka ntle ho ho lepa, ho ka etshahala ho ka tlase ho setlwaedi kapa boemo bo batlileng bo le setlwaeding kapa bo ka hodimo ho setlwaedi ke 33.3%.
Ha ho lebeletswe hore El Nino e e fihlelle boemo bo matlafetseng nakong eo dipula di nang ka yona lehlabula, e eketsa ho ka ba teng ha ho omella (boemo bo ka tlase ho setlwaedi) ho ba teng Afrika e ka borwa.
Tsebo ya ho tla ha EL Nino ho tshwana le ha ho ntshuwa kereipifurutu e le nngwe (boemo bo ka hodimo ho setlwaedi ba pula) le lemono ( boemo bo ka tlase ho setlwaedi ba pula), bo emelang ke hona maemo ao ho nang le monyetla o moholo wa boemo bo ka tlase setlwaeding ba pula hore bo ka ba teng. Mokotla wa ditholwana jwale o na le dilemono tse tharo, dilamunu tse pedi, le kereipifurutu e le nngwe. Ho ntsha tholwana mokotleng feela o sa kgethe ho hlahisa monyetla wa 50% (tharo ho tshelela) ho ntsha lemono, le 16.7% feela (nngwe ho tshelela) ho ntsha kereipifurutu.
Ena ke mohopolo oo bolepi ba nako ya selemo bo ka etsahalang ka teng bo ananelwang ka teng. Hlokomela hore ha se ntho e ke keng ya etsahala ho ntsha lamunu mokotleng (pula e boemong bo batlileng bo le setlwaeding). Ho mpa feela ho ena le ho ka etsahala ho eketsehileng ha hore lamunu (boemo bo ka tlase ho setlwaedi) e ka ntshuwa mokotleng. Hantlentle, basebedisi ba bolepi ba hlokomele haholo ka dihlopha tse sa ratweng, ka ha ho ka se etsahale hona e se ho honyenyane ha kaalo hore ho ka se natsuwe. Ha ho phethwa hape ?ketsahalo? ena ya ho ntsha ditholwana ka mokotleng, ka ho ngola seo o se ntshitseng ka mokotleng le ho se lahleha hape mokotleng pele o se ntsha hape ka makgetlo a lekgolo, o tla elellwa hore makgetlo a 50% ao o e ntshitseng a tla tsamaelana le lemono, makgetlo a 33% a tla tsamaelana le lamunu le makgetlo a 16.7% a tla tsamaelana le kereipifurutu. Ditsebi di etsa mofuta o jwalo wa teko ka bolepi boo ba fanang ka bona, mme ebe ba re bolepi bo ka tshetjwa, ha eba ho ka etsahala hoo ha bolepi le ho bohuwa ho tsamaelana ha mmoho.
Ho tea mohlala, bolepi ba pula naheng ka bophara bo na le ho ka etsahala ha 30% ba hore ho ka ba le nako ya selemo ya pula, 45% e ka etsahalang ya hore e ka ba nako ya selemo e batlang e le setlwaeding, le 25% e ka etsahalang ya hore e be nako ya selemo e omeletseng. Ka ha sehlopha sa boemo ba batlang bo le setlwaeding bo le ka hodimo ho 33.3% sehlopha sa boemo bo ka tlase ho bo setlwaeding ka tlase ho 33.3%, bolepi bona bo bolela hore pula e boemong bo batlileng bo le setlwaeding bo ka etsahala haholo ho feta ka moo ho tlwaetsweng ka teng, mme boemo bo ommeng le ba pula bo ke ke ba etsahala ka moo ho tlwaetsweng ka teng. Hlokomela ho se be le bonnete ka teng bo bang teng ha ho lepuwa le ha kwana bolepi bo lebisa hore pula e boemong bo batlang bo le setlwaeding, ho ka ba teng ha boemo bo batlileng bo eba setlwaeding ba pula ke 45% feela. Ebile, ho ka etsahalang ho ka tlase ho setlwaedi e sa ntse e le 25%, ho bolela hore diketsahalong e le nngwe ho tse nne ha boemo bona ba tlelaemete, pula e boemong bo ka tlase ho setlwaedi e ka lebellwa.
